13/04/2026
TSA MAFELO A BEKE 💙
Re ketekile ka thabo lilemo tse hlano tsa Meloli Airwaves Media e phatlalatsang litaba tsa Basotho le ho ba lentsoe la sechaba. Ka lilemo tsena tsohle, re bile le sepheo se le seng—ho thusa Basotho ho utloisisa le ho rarolla liqholotso tseo ba tobaneng le tsona letsatsi le letsatsi.
Ho keteka ketsahalo ena ea bohlokoa, re ile ra etela Mohale's Hoek hammoho le Meloli Airwaves Media, moo re ileng ra fihla lehaeng la bana la St. Camillus le 'Mants'ase Children's Home.
Re ile ra fana ka limpho ho bana, ho araba litlhoko tsa bona le ho bontša lerato le tlhokomelo ho bona.
Rea leboha bohle ba bileng karolo ea leeto lena—re ntse re tsoela pele ho aha sechaba se matla, se nang le kutloano le tšepo.